Sesotho

NTSHA MAIKUTLO A HAO
BILI YA HO AROLWA HA MATLOLE YA 2015
DIPHEHISO LE DIPUISANO
Komiti ya Tshebetso ho tsa Dikabo e mema batho ba amehang le ba nang le kgahleho ho etsa diphehiso tse
ngotsweng ka Bili ya ho Arolwa ha Matlole ya 2015 e ileng ya tekwa mmoho le Bajete ya 2015/2016 ke
Letona la Ditjhelete ka la 25 Hlakola 2015.
Molao wa Mokgwatshebetso wa Phetolo ya Dibili tsa Ditjhelete le Dintho tse Amanang, Molao wa 9 wa 2009
(o fumanehang ho tswa ho: www.polity.org.za) o batla hore Palamente e tshware dikopano tsa ho nonya
maikutlo a setjhaba le ho tlaleha ka Bili ya ho Arolwa ha Matlole. Bili ena e dumella ho arolwa ha matlole
a bokelleditsweng naha ka bophara ka ho lekana dipakeng tsa makala a mmuso a naha, a porofensi le a
selehae bakeng sa selemo sa ditjhelete se amanang mmoho le maikarabelo a makala kaofela a mararo ka
ho phethahala a latelang karolo e jwalo; le ho nehelana ka dintho tse amanang le tseo.
Dikopano tsa ho nonya maikutlo a setjhaba di tla tshwarwa Palamenteng ke Komiti ya Tshebetso ho
tsa Dikabo ka Labobedi, 14 Mmesa 2015. Letsatsi la ho kwalwa la ho etsa diphehiso kapa ho bontsha
maikemisetso a ho fana ka puo ya molomo ke ka 16:00 ka Labobedi, 7 Mmesa 2015.
Diphehiso di lokela ho lebiswa ho Mongodi wa Komiti, Mr Lubabalo Nodada, 021 403 3669/083 412 1526
kapa [email protected] kapa Ms Estelle Grunewald: 021 403 3843/071 363 2257 kapa
[email protected]. Diphehiso di ka tliswa ka seqo 3rd Floor, 90 Plein Street, Cape Town.
Dikhopi tsa Bili ya ho Arolwa ha Matlole di a fumaneha ho www.treasury.gov.za kapa www.parliament.gov.za
E ntshitswe ke: Mohlomphehi S J Mohai, MP, Modulasetulo: Komiti ya Tshebetso ho tsa
Dikabo (Lekgotla la Naha la Diporofensi).
Parliament. Making Democracy Work
www.parliament.gov.za